Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Hlompha Ntatao le Mmao”

“Hlompha Ntatao le Mmao”

Ha Jesu a le lefatsheng, o ile hatisa molao ona o reng: “Hlompha ntatao le mmao.” (Ex 20:12; Mat 15:4) Jesu o ne a bua seo ka bolokolohi hobane o ile a ‘ipeha tlasa batswadi’ ba hae botjheng ba hae. (Lu 2:51) Ha a se a hodile o ile a etsa bonnete ba hore mme wa hae o tla hlokomelwa ha yena a se a hlokahetse.—Joh 19:26, 27.

Le mehleng ena, batjha ba Bakreste ba mamelang batswadi ba bona mme ba bua le bona ka tlhompho ba bontsha hore ba a hlompha. Ha e le hantle, taelo ena ha e ya behelwa nako ya ho emisa. Le ha batswadi ba rona ba se ba hodile, re lokela ho tswela pele ho ba hlompha ka hore re mamele dikeletso tsa bona. (Lipr 23:22) Hape re ka bontsha hore re hlompha batswadi ba rona ba tsofetseng ka hore re nahanele maikutlo a bona le ho ba thusa ka tjhelete haeba ho hlokahala. (1Ti 5:8) Ho sa tsotellehe hore na re bana kapa re hodile, ho dula re buisana le batswadi ba rona hantle ke ntho e ka sehloohong e bontshang hore re a ba hlompha.

SHEBELLA VIDEO YA DIPOPAE E RENG NKA BUISANA LE BATSWADI BA KA JWANG? EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobaneng ha o ka utlwa ho le thata ho buisana le batswadi ba hao?

  • O ka bontsha jwang hore o hlompha batswadi ba hao ha o buisana le bona?

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho leka ho buisana le batswadi ba hao? (Lipr 15:22)

    Ho bua le batswadi ba hao ho ka o thusa hore o atlehe bophelong