Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding​—⁠Ka ho Sebedisa Dipotso ka Tsela e Atlehang

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding​—⁠Ka ho Sebedisa Dipotso ka Tsela e Atlehang

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Haeba “morero ka pelong ya motho o jwalo ka metsi a tebileng,” jwale dipotso di jwalo ka emere ho a kga. (Lipr 20:5) Dipotso di re thusa ho kenyelletsa bamamedi ba rona moqoqong. Hangata dikarabo tsa dipotso tse kgethilweng hantle di fana ka boitsebiso ba bohlokwa ho mohweletsi. Jesu o ne a sebedisa dipotso ka tsela e atlehang. Re ka mo etsisa jwang?

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Botsa dipotso tse tla thusa motho ho ntsha maikutlo a hae. Jesu o ile a botsa barutuwa ba hae dipotso tse mmalwa e le hore a ka tseba maikutlo a bona ka taba e itseng. (Mat 16:13-16; be 238 ¶3-5) Ke dipotso di fe tseo o ka di botsang tse tla thusa motho ho ntsha maikutlo a hae?

  • Botsa dipotso tse tla thusa motho ho etsa qeto e nepahetseng. Jesu o ile a lokisa monahano wa Petrose ka hore a mo botse dipotso le ho mo tataisa ka dikarabo tse ileng tsa thusa Petrose ho etsa qeto e nepahetseng. (Mat 17:24-26) O ka botsa dipotso di fe e le hore o thuse motho hore a etse qeto e nepahetseng?

  • Babatsa momamedi wa hao. Ka mora hore mongodi a ‘arabe ka kelello,’ Jesu o ile a mo babatsa. (Mar 12:34) O ka babatsa motho ya fanang ka karabo jwang?

SHEBELLA KAROLO E QALANG YA VIDEO YA ETSA MOSEBETSI OO JESU A NENG A O ETSA E LENG HO RUTA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobaneng ha oo e le mohlala o fosahetseng wa ho ruta, le hoja boitsebiso bo nepahetse?

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho hlalosa dintlha feela e be re qetile?

SHEBELLA KAROLO YA BOBEDI YA VIDEO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morabo rona o sebedisitse dipotso ka tsela e atlehang jwang?

  • Ke dintlha di fe tse ding tsa ho ruta tseo a di sebedisitseng tseo le rona re ka di sebedisang?

Tsela ya rona ya ho ruta e susumetsa ba bang jwang? (Lu 24:32)