Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 18-19

Qoba ho Ikgopisa le ho Kgopisa ba Bang

Qoba ho Ikgopisa le ho Kgopisa ba Bang

Jesu o ile a etsa dipapiso ho bontsha hore na ho kgopiswa kapa ho kgopisa ba bang ke ntho e tebileng hakae.

18:6, 7

  • ‘Kgopiso’ ke ketso kapa boemo bo etsang hore motho a latele tsela e fosahetseng, a etse boitshwaro bo bobe kapa a wele sebeng

  • Ho molemo hore motho ya etsang hore ba bang ba kgopehe a wele ka lewatleng lelwala le fasitswe molaleng wa hae

Malwala

18:8, 9

  • Jesu o ile a eletsa balatedi ba hae hore ba tlose esita le ntho ya bohlokwa ho bona jwalo ka letsoho kapa leihlo haeba le etsa hore ba kgopehe

  • Ho molemo ho lahlehelwa ke ntho ya bohlokwa jwalo e le hore re tle re kene Mmusong wa Modimo ho e na le hore re qetelle re le Gehena, e leng timetso ya ka ho sa feleng

Keng e ka bang kgopiso bophelong ba ka, hona nka qoba jwang ho ikgopisa le ho kgopisa ba bang?