Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 12-13

Papiso ya Koro le Mofoka

Papiso ya Koro le Mofoka

Jesu o ile a sebedisa koro le mofoka ho bontsha kamoo a neng a tla hlakisa hore Bakreste ba tlotsitsweng ke bo mang, le hore na o tla etsa seo neng ho tloha ka selemo sa 33 C.E.

13:24

‘Motho o ile a jala peo e ntle tshimong ya hae’

  • Mojadi: Jesu Kreste

  • Peo e ntle e jetswe: Barutuwa ba Jesu ba tlotswa ka moya o halalelang

  • Tshimo: Batho

13:25

“Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla mme sa jalella mofoka”

  • Sera: Satane Diabolose

  • Batho ba ne ba robetse: Lefu la Baapostola

13:30

“Di tloheleng di hole hammoho ho fihlela ha ho kotulwa”

  • Koro: Bakreste ba tlotsitsweng

  • Mofoka: Bakreste ba bohata

‘Pele bokellang mofoka . . . ; jwale hamorao le bokelle koro’

  • Makgoba/Bakotudi: Mangeloi

  • Mofoka wa bokellwa : Bakreste ba bohata ba arolwa ho Bakreste ba tlotsitsweng

  • Ho bokellela ka tlung ya polokelo: Bakreste ba tlotsitsweng ba bokellelwa ka phuthehong e tsosolositsweng

Ha nako ya kotulo e qala, keng e ileng ya arola Bakreste ba nnete ho ba bohata?

Ho utlwisisa papiso ee ho ntswela molemo jwang?