Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Tswela Pele ho Leta ka Mamello

Tswela Pele ho Leta ka Mamello

E se e le nako e kae o emetse hore Mmuso wa Modimo o tle? Na o ntse o o emetse ka mamello ho sa tsotellehe mathata ao o tobaneng le ona? (Bar 8:25) Bakreste ba bang ba hlouwe, ba tshwerwe hampe, ba kwalletswe diteronkong kapa ba tshosetswa ka lefu. Ba bang ba tshwerwe ke mafu a sa phekoleheng ha ba bang ba tsofetse.

Ke eng e tla re thusa ho leta ka mamello ha re tobana le mathata? Re lokela ho matlafatsa tumelo ya rona ka ho bala Bibele le ka ho nahanisisa ka seo re se badileng. Re lokela ho tsepamisa dikelello tsa rona tshepong. (2Ko 4:16-18; Heb 12:2) Re lokela ho etsa thapedi ho Jehova re kope matla a moya o halalelang. (Lu 11:10, 13; Heb 5:7) Ntate wa rona ya lerato a ka re thusa hore re ‘mamelle ka botlalo mme re tiisetse ka thabo.’—Kol 1:11.

SHEBELLANG VIDEO E RENG RE LOKELA HO “MATHA KA MAMELLO”—KGODISEHA HORE O TLA FUMANA MOPUTSO, EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke ‘diketsahalo’ dife tse “sa lebellwang” tse ka re hlahelang bophelong? (Moe 9:11)

  • Thapelo e re thusa jwang ha re tobana le mathata?

  • Haeba re se re sa kgone ho sebeletsa Jehova jwalo ka pele, ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka seo re kgonang ho se etsa hona jwale?

  • Tadima moputsong

    Ke eng e o thusang hore o kgodisehe hore o tla fumana moputso?