Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Ho Kgaotsa ho Ithuta le Diithuti Tsa Bibele Tse sa Hateleng Pele

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding—Ho Kgaotsa ho Ithuta le Diithuti Tsa Bibele Tse sa Hateleng Pele

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Batho ba lokela ho ipiletsa lebitsong la Jehova e le hore ba pholohe. (Bar 10:13, 14) Le ha ho le jwalo, ha se motho e mong le e mong ya ithutang Bibele ya batlang ho phela ka melao ya Jehova. Re sebedisa nako ya rona ha molemo ka hore re thuse batho bao ka nnete ba batlang ho fetola bophelo ba bona e le hore ba kgahlise Jehova. Haeba seithuti sa Bibele se sa hatele pele ka mora nako re ntse re ithuta le sona, e ka ba bohlale hore re kgaotse ho ithuta le sona, e le hore re tle re thuse bao Jehova a ba hulelang ho yena le ka mokgatlong wa hae. (Joh 6:44) Empa, haeba ka mora nako motho eo a bontsha hore o na le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,” re ka boetse ra qadisa thuto ya Bibele hape le yena.—Lik 13:48.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Babatsa seithuti ka ho batla ho ba le tsebo e nepahetseng.—1Ti 2:4

  • Hatisa bohlokwa ba hore se sebedise seo se ithutileng sona.—Lu 6:46-49

  • Ka bonolo buisana le yena ka papiso ya Jesu ya mojadi, mme o mo kope hore a ke a nahane hore na ke eng e ka nnang yaba e mo thibela ho hatela pele.—Mat 13:18-23

  • Ka bohlale mo hlalosetse hore na ke hobaneng ha o kgaotsa ho ithuta le yena

  • Mo tsebise hore o tla nne o mo etele kgafetsa ho mo kgothatsa le hore le tla boela le ithuta ha feela a ka etsa diphetoho

SHEBELLANG VIDEO EBE KA MORA MOO LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • O ithutileng puisanong e bontshang hore seithuti ha se hatele pele?

  • Mohweletsi o thusitse seithuti jwang ho utlwisisa hore se lokela ho etsa diphetoho?

  • Mohweletsi o ile a etsang ho bontsha seithuti hore thuto e ka boela ya tswela pele ha feela se ikemiseditse ho etsa diphetoho?