Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o Bona Makgabane a Modimo a sa Bonahaleng?

Na o Bona Makgabane a Modimo a sa Bonahaleng?

Na o bona mosebetsi wa Mmopi ha o sheba palesa e mebalabala, lehodimo le tletseng dinaledi le diphororo tse theohang dithabeng? Popo e re potolohileng e re bontsha ka ho hlaka makgabane a Jehova a sa bonahaleng. (Bar 1:20) Ha re ipha nako ya ho nahana ka seo re se bonang popong, re kgona ho bona matla, lerato, toka, bohlale ba Modimo le ka moo a fanang ka teng.​—Pes 104:24.

Ke mesebetsi efe ya Jehova eo o e bonang letsatsi le letsatsi? Le haeba o dula toropong, o ka kgona ho bona dinonyana le difate. Ho hlokomela ka ho hlaka mesebetsi ya Jehova ho ka re thusa hore re se ke ra tshwenyeha haholo, re nahane ka dintho tsa bohlokwa le hore re tshepe hore Jehova o tla re hlokomela ka ho sa feleng. (Mat 6:25-32) Haeba o na le bana, ba thuse hore ba bone makgabane a Jehova ao re ke keng ra a bapisa. Re tla ba le kamano e ntle le Mmopi haeba re ntse re tswela pele ho ananela popo e re potolohileng.​—Pes 8:3, 4.

SHEBELLANG VIDEO E RENG POPO YA MODIMO E SENOLA KGANYA YA HAE—KGANYA LE MMALA, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng e re thusang hore re kgone ho bona mebala?

  • Mebala e fapaneng e bakwa ke eng?

  • Ke hobaneng ha re kgona ho bona mebala e fapaneng lehodimong?

  • Ke mebala efe e metle ya popo eo o kileng wa e bona moo o dulang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho ipha nako ya ho nahana ka hloko ka popo?

Kganya le mmala di senola eng ka makgabane a Jehova?