Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ke Dintho Dife Tseo o Batlang ho di Finyella Selemong se Setjha sa Tshebeletso?

Ke Dintho Dife Tseo o Batlang ho di Finyella Selemong se Setjha sa Tshebeletso?

Dintho tseo re batlang ho di finyella tse amanang le borapedi ba rona di akaretsa ntho e nngwe le e nngwe eo re sebetsang ka thata ho e fihlela e le hore re ka sebeletsa Jehova haholwanyane le ho mo thabisa. Dintho tsena di re thusa hore re be Bakreste ba tiileng. Ka ha di bohlokwa haholo, ho loketse hore re ka sebedisa nako ya rona le matla a rona ho di finyella. (1Ti 4:15) Ke hobaneng ha re lokela ho dula re hlahloba dintho tseo re batlang ho di finyella tse amanang le borapedi ba rona? Hobane maemo a fetoha. Ho ka etsahala hore ntho eo re neng re batla ho e finyella e se e ke ke ya kgoneha kapa re se re e finyelletse mme re lokela ho ipehela e nngwe.

Nako e ntle ya ho hlahloba dintho tseo o batlang ho di finyella ke ha selemo sa tshebeletso se qala. Le ka buisana ka dintho tsena nakong ya borapedi ba lelapa mme le ipehele dintho tseo le ka di finyellang le le lelapa kapa motho ka bomong.

Dinthong tse bontshitsweng ka tlase, ke dife ka ho kgetheha tseo o batlang ho di finyella mme ke dintho dife tseo o ikemiseditseng ho di etsa e le hore o di finyelle?

Ho bala le ho ithuta Bibele o le mong, ho ba teng dibokeng le ho araba.—w02 6/15 15 ¶14-15

Tshebeletso ya tshimo.—w23.05 27 ¶4-5

Makgabane a Bokreste.—w22.04 23 ¶5-6

Tse ding: