Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Letsholo le Kgethehileng la ho Phatlalatsa Mmuso wa Modimo ka September

Letsholo le Kgethehileng la ho Phatlalatsa Mmuso wa Modimo ka September

Ka September re tla sebetsa ka thata ho tsebisa batho hore Mmuso wa Modimo ke ona feela tharollo ya mathata a batho. (Mat 24:14) O ka kenya letsoho jwang? Kgweding eo, balla batho ba bangata ka hohle ka moo ho ka kgonehang lengolo le buang ka Mmuso wa Modimo. Haeba motho a thabela molaetsa, mo fe Tora ya ho Lebela ya No. 2 2020. Kgutlela ho motho eo kapele ka moo o ka kgonang ebe o qadisa thuto ya Bibele o sebedisa bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Bopulamadiboho ba thusang kgweding ya September ba ka kgetha hore na ba tla sebetsa dihora tse 15 kapa tse 30.

Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla silakanya mebuso e sa etseng thato ya Modimo. (Dan 2:44; 1Ko 15:24, 25) E se eka re ka sebedisa monyetla ona ho bontsha hore re tshehetsa Mmuso wa Jehova.