Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Eba Lerato Jwalo ka Jehova

Eba Lerato Jwalo ka Jehova

Jehova o lerato ka tsela e ikgethang. (Ps 103:11) Lerato la hae ke la nnete. Lerato la nnete ke lerato le tebileng le le ke keng la fela. Jehova o ile a bontsha lerato lena ho Baiseraele ka ditsela tse ngata. O ile a ba ntsha bokgobeng Egepeta mme a ba kenya naheng e tshepisitsweng. (Ps 105:42-44) O ile a lwanela batho ba hae a ba a ba tshwarela ka makgetlo a mangata ha ba mo fosetsa. (Ps 107:19, 20) Ha re ntse re “nahanisisa ka diketso tsa Jehova tse bontshang hore o rata batho,” re susumeletseha ho mo etsisa.—Ps 107:43.

SHEBELLANG VIDEO YA “ITHUTE KA MOO JEHOVA A RE RATANG KA TENG” EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Re ka bontsha lerato la nnete ka ditsela dife?

  • Ke hobaneng ha lerato la nnete le hloka boitelo?