Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ba Sebetsa ka Thata ho re Thusa

Ba Sebetsa ka Thata ho re Thusa

Balebedi ba potoloho le basadi ba bona ba itella batho ba potolohong ya bona. Ka dinako tse ding, jwalo ka rona ba a nyahama, ba a kgathala hape ba a tshwenyeha. (Jak 5:17) Le ha ho le jwalo, beke e nngwe le e nngwe ba ameha ka ho kgothatsa bara le baradi ba bo rona ba phuthehong eo ba e etetseng. Ka nnete “ba lokela ho fuwa tlhompho e tebileng.”—1Ti 5:17.

Ha moapostola Pauluse a itokisetsa ho etela phutheho e Roma e le hore a e “fe mpho e tswang ho Modimo,” o ne a labalabela ho kgothatsana le bona. (Bar 1:11, 12) Na o kile wa nahana hore na o ka kgothatsa balebedi ba potoloho jwang?

SHEBELLANG VIDEO YA BOPHELO BA MOPOTOLOHI YA POTOLOHANG MAHAENG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Bapotolohi le basadi ba bona ba bontsha jwang hore ba itella phutheho?

  • Ba o thusitse jwang?

  • Re ka ba kgothatsa jwang?