Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

Nehemia o ne a Amehile ka ho Thusa Batho ba Bang Eseng ho Sebeletswa

Nehemia o ne a Amehile ka ho Thusa Batho ba Bang Eseng ho Sebeletswa

Nehemia ha a ka a ba le boithati ha a sebedisa matla a hae a bolaodi (Ne 5:14, 15, 17, 18; w02 11/1 27 ¶3)

Nehemia ha a ka a laela feela hore mosebetsi o etswe empa le yena o ile a sebetsa (Ne 5:16; w16.09 6 ¶16)

Nehemia o ile a kopa Jehova hore a mo hopole ka lebaka la dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng (Ne 5:19; w00 2/1 32)

Nehemia ha a ka a batla ho tshwarwa ka tsela e kgethehileng le hoja e ne e le mmusisi. O behetse bara ba bo rona ba nang le boikarabelo ka phuthehong mohlala o motle.

IPOTSE, ‘Na ke amehile haholo ka dintho tseo nka di etsetsang batho ba bang kapa ke amehile ka dintho tseo ba ka nketsetsang tsona?’