Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Kgetha Boithabiso ka Bohlale

Kgetha Boithabiso ka Bohlale

Ke hobaneng ha re lokela ho kgetha boithabiso ka bohlale? Hobane ha re kgetha filimi eo re tla e shebella, pina eo re tla e mamela, websaete eo re tla e sheba, buka eo re tla e bala kapa papadi ya video, re kgetha ntho eo re e kenyang dikelellong tsa rona. Dintho tseo re di etsang di susumetswa ke diqeto tsa rona. Ka maswabi, boithabiso bo bongata kajeno bo bontsha dintho tseo Jehova a di hloileng. (Pes 11:5; Gal 5:19-21) Ka lebaka leo, Bibele e re kgothalletsa hore re tswele pele re nahana ka dintho tse tlotlisang Jehova.​—Fil 4:8.

SHEBELLANG VIDEO E RENG KE LOKELA HO KGETHA BOITHABISO BO JWANG? EBE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Dipapadi tsa mehleng ya Roma tsa ntwa di tshwana jwang le boithabiso bo bong ba mehleng ee?

  • Ditho tsa phutheho di ka thusa batjha hore ba kgethe boithabiso ka bohlale jwang?

  • Baroma 12:9 e lokela ho ama boithabiso boo re bo kgethang jwang?

  • Ke boithabiso bofe bo nepahetseng sebakeng sa heno?