Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAGALATA 4-6

Seo “Ketsahalo e Tshwantshetsang” e se Bolelang ho Rona

Seo “Ketsahalo e Tshwantshetsang” e se Bolelang ho Rona

4:24-31

Moapostola Pauluse o ile a sebedisa “ketsahalo [ena] e tshwantshetsang” ho bontsha ka moo selekane se setjha se leng molemo ho feta selekane sa Molao ka teng. Batho bohle ba na le tshepo ya hore tlasa bolaodi ba Kreste le majalefammoho le yena ba tla lokoloha sebeng, ba phethahale, ba sa utlwe bohloko ebile ba sa shwe.​—Esa 25:8, 9.

 

HAGARE​—MOSADI WA LEKGOBA

Iseraele ya sebele e tlasa selekane sa Molao, eo motsemoholo wa yona e leng Jerusalema

SARA​—MOSADI YA LOKOLOHILENG

Jerusalema wa hodimo, e leng karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Modimo

“BANA” BA HAGARE

Bajuda (ba neng ba tlameletswe ho Jehova ka selekane sa Molao) ba ile ba hlorisa Jesu le ho mo latola

“BANA” BA SARA

Kreste le Bakreste ba tlotsitsweng ka moya ba 144 000

MAKGOBA A SELEKANE SA MOLAO

Molao o ne o hopotsa Baiseraele hore ke makgoba a sebe

SELEKANE SE SETJHA SE FANA KA TOKOLOHO

Ho ba le tumelo ya hore sehlabelo sa Kreste ke sa bohlokwa ho ile ha fana ka tokoloho kahlolong ya Molao