Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Kamoo re ka Sebedisang Bukana ya Ke Bomang ba Etsang Thato ya Jehova Kajeno?

Kamoo re ka Sebedisang Bukana ya Ke Bomang ba Etsang Thato ya Jehova Kajeno?

Bukana ya Ke Bomang ba Etsang Thato ya Jehova Kajeno? e etseditswe hore e tshohlwe le moithuti qalong kapa qetellong ya thuto. * Thuto ya 1 ho ya ho ya 4 e ruta moithuti ho re na ha e le hantle Dipaki Tsa Jehova ke bo mang. Thuto ya 5 ho ya ho ya 14 e ruta moithuti ka diboka le ka mosebetsi wa rona wa ho ruta batho Bibele. Thuto ya 15 ho ya ho ya 28 e ruta moithuti kamoo mokgatlo wa rona o hlophisitsweng kateng. Hangata ho molemo ho bala dikgaolo tsena ka tatellano ntle le haeba moithuti a batla ho qala ka kgaolo e itseng ka ho kgetheha. Sehlooho se seng le se seng se bolelele ba leqephe mme se ka tshohlwa le moithuti ka metsotso e mehlano ho isa ho e leshome.

  • Thusa moithuti hore a fumane karabo ya potso ya sehlooho

  • Le ka bala kgaolo kaofela ebe le ya e hlahloba kapa le ka bala serapa se le seng ka nako

  • Buisanang ka seo le qetang ho se bala. Sebedisa dipotso tse qetellong ya kgaolo le ditshwantsho. Kgetha mangolo ao le ka buisanang ka ona. Bontsha moithuti hore dihlohwana di araba potso ya sehlooho

  • Haeba ho ena le lebokose la “Ithute ka ho Eketsehileng” le baleng hammoho mme o kgothalletse moithuti hore a sebedise ditlhahiso tseo

^ par. 3 O ka fumana bukana ena e ntlafaditsweng Inthaneteng.