Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 12-16

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Jeremia o ne a fuwe kabelo e boima ya hore a bontshe batho ba Juda le Jerusalema hore Jehova o ikemiseditse ho ba fedisa ka lebaka la manganga a bona.

Jeremia o ile a iphumanela lebanta la line

13:1, 2

  • Lebanta le tlanngweng thekeng le ne le tshwantshetsa kamano e haufi e neng e ka ba teng pakeng tsa Jehova le setjhaba

Jeremia o ile a isa lebanta nokeng ya Eufrate

13:3-5

  • O ile a le pata lepetsong la lefika yaba hamorao o kgutlela Jerusalema

Jeremia o ile a kgutlela nokeng ya Eufrate ho ya lata lebanta

13:6, 7

  • O ile a le fumana le bodile

Ka mora boiteko bona bohle boo Jeremia a bo entseng, Jehova o ile a mo hlalosetsa lebaka leo a ileng a mo fa kabelo eo ka lona

13:8-11

  • Lehoja kabelo eo Jeremia a neng a e fuwe e ne e bonahala eka ha e utlwahale, e ile ya phetha morero wa Jehova wa ho batla ho finyella dipelo tsa Baiseraele