Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova

Jeremia o ile a fuwa taelo ya hore a lemose Bajuda ka kahlolo e neng e tlo ba wela hobane ba ne ba lebetse Modimo wa bona, e leng Jehova. (Jer 13:25) Ho tlile jwang hore setjhaba see se be boemong bo? Malapa a Baiseraele a ile a lahla kamano eo a neng a ena le yona le Jehova. Ho totobetse hore dihlooho tsa malapa di ne di sa latele tataiso ya Jehova e ho Deuteronoma 6:5-7.

Ha malapa a le matla tumelong, a bopa diphutheho tse matla. Dihlooho tsa malapa di ka thusa malapa a tsona hore a hopole Jehova ka ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla. (Pes 22:27) Kamora hore le shebelle video e nang le sehlooho se reng: Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”—Lipuisano Tsa Lelapa, arabang dipotso tsena:

  • Malapa a mang a ile a sebetsana jwang le diteko tseo hangata di bang teng mabapi le borapedi ba lelapa?

  • Ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla ho na le melemo efe?

  • Ha ho tluwa tabeng ya borapedi ba lelapa, ke ditshitiso dife tseo ke bang le tsona, mme nka sebetsana le tsona jwang?