Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Hlaolela Lerato ho Modimo le ho Moahisane Jwang?

O ka Hlaolela Lerato ho Modimo le ho Moahisane Jwang?

Le hoja Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o sa tlame Bakreste hakaalo, ditaelo tsa ona tse pedi tse kgolo e leng ho rata Modimo le moahisane di ntse di bolela ka hlaka seo Jehova a se lebelletseng ho rona. (Mat 22:37-39) Ha re tswalwe re e na le lerato leo. Re tlameha ho le hlaolela. Jwang? Tsela e nngwe ya bohlokwa ke ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Ha re hlokomela makgabane a fapaneng a botho ba Modimo jwalo ka ha a hlahella ka Bibeleng, re bona “thabo ya Jehova.” (Pes 27:4 ) Seo se etsa hore re mo rate haholwanyane mme re be re nahane jwalo ka yena. Sena se re susumelletsa ho mamela ditaelo tsa Modimo ho akarelletsa le taelo ya ho bontsha lerato le se nang boithati ho ba bang. (Joh 13:34, 35; 1Jo 5:3) Dintlha tse tharo tse latelang di tla re bontsha hore na ke jwang re ka thabelang ho bala Bibele:

  • Tsepamisa kelello le monahano wa hao ho seo o se balang. Ipone o le moo. O ne o tla bonang, o utlweng o be o fofonele eng? Batho bao ho buuwang ka bona moo ba ne ba ikutlwa jwang?

  • Sebedisa mekgwa e fapaneng. Ditlhahiso ke tsena: Balla hodimo kapa o mamele kgatiso e rekotilweng mme o tsamaisane le yona. Bala ka motho ya itseng eo ho buuwang ka yena ka Bibeleng kapa o bale ka sehlooho se itseng ho e na le ho bala dikgaolo ka tatellano. Ka mohlala, hore o ithute ka Jesu o ka bala karolo ya 4 le ya 16 bukaneng ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo. Bala mangolo a Bibele ho latela tatellano ya diketsahalo.

  • Balla hore o utlwisise. Le ha o ka bala kgaolo e le nngwe ka letsatsi mme wa leka ho e utlwisisa le ho nahanisisa ka yona, hoo ho molemo ho feta ho bala dikgaolo tse ngata e le hore feela o qete ho bala Bibele kapele. Nahana ka boemo. Iphe nako ya ho hlahloba dinthla tseo o balang ka tsona. Sebedisa dimmapa o be o shebe le mangolo a hlahang botlaseng ba kgaolo eo o balang ka yona. Etsa dipatlisiso le ha e ka ba ka ntlha e le nngwe eo o sa e utlwisiseng. Haeba ho kgoneha, o ka etsa hore nako eo o e qetang o bala e lekane le nako eo o e qetang o nahanisisa.