Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 25

“Le Dule le Lebetse”

“Le Dule le Lebetse”

25:1-12

Le hoja Jesu a ne a lebisitse papiso ya barwetsana ba leshome ho balatedi ba hae ba tlotsitsweng, molaetsa wa yona o ama Bakreste bohle. (w15 3/15 9-14) “Ka hona, le dule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa yona hora.” (Mat 25:13) Na o ka hlalosa papiso ya Jesu?

  • Monyadi (temana ya 1)—Ke Jesu

  • Barwetsana ba masene ba itokisitseng (temana ya 2)—Ke Bakreste ba tlotsitsweng ba itokiseditseng ho phetha mosebetsi wa bona ka botshepehi mme ba kganya jwalo ka masedi ho fihlela bofelong (Fil 2:15)

  • Mohoo o reng: “Monyadi ke enwa!” (temana ya 6)—Ke bopaki ba ho ba teng ha Jesu

  • Barwetsana ba mawatla (temana ya 8)—Ke Bakreste ba tlotsitsweng ba ilo kgahlanyetsa Monyadi empa ba sa duleng ba lebetse ebile ba sa tshepahale

  • Barwetsana ba masene ba hana ho tshella ba bang oli ya bona (temana ya 9)—Ka mora tiiso ya ho qetela, ha ho na ba le nako ya hore batlotsuwa ba tshepahalang ba thuse ba sa kang ba tshepahala

  • “Monyadi a fihla” (temana ya 10)—Ke ha Jesu a tlela ho tla ahlola, ho elella qetellong ya matshwenyeho a maholo

  • Barwetsana ba masene ba kena moketeng wa lenyalo le monyadi mme monyako wa kwalwa (temana ya 10)—Jesu o bokellela batlotsuwa ba hae ba tshepahalang lehodimong, empa ba sa tshepahaleng ba lahlehelwa ke moputso wa ho ya phela lehodimong