Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Ruta Baithuti ho Lokisetsa

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Ruta Baithuti ho Lokisetsa

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Ha baithuti ba lokisetsa, ba ka utlwisisa le ho hopola seo re ba rutang sona. Ha ba tswela pele ho utlwisisa le ho hopola seo ba ithutileng sona, ba ka bontsha tswelo pele ka pele. Le ka mora hore ba kolobetswe, ba tla hloka ho lokisetsa diboka le tshimo e le hore ba ‘dule ba lebetse.’ (Mat 25:13) Kahoo, ho tseba ho lokisetsa le ho ipehela nako eo ba tla bala ka yona, ho tla ba ruisa molemo bophelo bohle ba bona. Di sa tloha feela, re lokela thusa baithuti ba rona hore ba itlwaetse ho lokisetsa pele re tlo kganna thuto le bona.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Mo behele mohlala o motle. (Bar 2:21) Ha o lokisetsa nahana ka moithuti wa hao. (km 11/15 3) Mo bontshe sengolwa sa hao se lokiseditsweng

  • Mo kgothalletse hore a lokisetse. Ha se le qadile ho ithuta, tsebisa moithuti wa hao hore ho lokisetsa ke karolo ya ho ithuta Bibele le hore na ho etsa seo ho na le melemo efe. Mo hlalosetse ka tsela e hlakileng hore na ke jwang a ka iphang nako ya ho lokisetsa. E le hore moithuti a bone melemo ya ho lokisetsa, bahweletsi ba bang ba bone ho le molemo hore ba fe moithuti sengolwa sa bona se lokiseditsweng nakong eo ba ntseng ba kganna thuto. Babatsa moithuti haeba a lokiseditse

  • Mo bontshe hore na ho lokisetswa jwang. Bahweletsi ba bang pele ba qadisa ho kganna thuto, ba qala ka ho bontsha moithuti hore na ho lokisetswa jwang