“Mang Kapa Mang ya Batlang ho ba Moholo Hara Lona e Lokela ho ba Mosebeletsi wa Lona”
Bangodi le Bafarisi ba ikgohomosang ba ne ba batla ho kgahlisa ba bang ebile ba batla bophahamo. (Mat 23:5-7) Jesu o ne a sa tshwane le bona. ‘Mora motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa.’ (Mat 20:28) Na boiteko boo re bo etsang tshebeletsong ya Modimo re bo etsetsa ho bonwa le ho roriswa ke batho? Haeba re batla ho ba batho ba bohlokwa mahlong a Jehova, re lokela ho etsisa Jesu ka hore re sebeletse batho ba bang. Jehova ke yena ya bonang dintho tseo re di etsetsang batho ba bang hobane hangata mesebetsi e jwalo e etswa moo ba bang ba sa boneng. (Mat 6:1-4) Mosebeletsi ya ikokobeditseng o tla . .
-
kenya letsoho ha ho hlwekiswa Holo ya Mmuso le ho e boloka e le maemong a matle
-
ithaopela ho thusa ba hodileng le ba bang
-
tshehetsa dintho tse amanang le Mmuso ka tjhelete