Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Lengolo la Mohlala

Lengolo la Mohlala
  • Ngola aterese ya moo o dulang. Haeba ho se bohlale hore o e ngole, o ka ngola aterese ya Holo ya Mmuso haeba baholo ba o dumella. Le ha ho le jwalo, O SE KE wa ngola aterese ya ofisi ya lekala e le hore motho a ka romella lengolo la hae ha a o araba.

  • Haeba o tseba lebitso la motho eo o mo ngollang, sebedisa lebitso la hae. Sena se tla bontsha hore lengolo lena le tlile ho yena ka ho toba.

  • Etsa bonnete ba hore o ela hloko mopeleto, sebopeho puo le matshwao a puo. Lengolo la hao le lokela ho ba makgethe. Haeba le ngotswe ka letsoho, le lokela ho ngolwa ka tsela e balehang. Le lokela ho ngolwa ka tsela e hlomphehang.

Lengolo la mohlala le bontshitsweng le na le dintlha tsena. Ha o ngolla motho tshimong ya lona, ha ho hlokahale hore o kopitse lengolo lena lentswe ka lentswe. Ngola lengolo la hao ho latela hore na morero wa lona ke ofe le hore na maemo le mekgwa ya sebaka sa heno ke afe.