Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Sebedisa Divideo ho Ruta Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona

Sebedisa Divideo ho Ruta Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona

Divideo le ditshwantsho di hapa tlhokomelo ya motho ebile di mo thusa ho hopola le ho utlwisisa seo a ithutang sona. Jehova e leng Morupedi e Moholo o ne a sebedisa dintho tseo batho ba di bonang ho ba ruta dithuto tsa bohlokwa. (Ge 15:5; Jer 18:1-6) Jesu e leng Mosuwe e Moholo le yena o ile a etsa se tshwanang. (Mat 18:2-6; 22:19-21) Divideo ke tse ding tsa dintho tse ipakileng di sebetsa dilemong tsa morao tjena. Na o sebedisa divideo ha o ruta batho Bibele?

Ho na le divideo tse leshome tse etseditsweng ho re thusa ha re ruta batho dithuto tse bukaneng ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! Video ka nngwe e tsamaisana le tse ding tsa dihlooho tse fumanwang ka hara bukana ena. Bukana e websaeteng, e na le link e o hopotsang hore na o tlameha ho bapala video neng. Ho feta moo, ho na le divideo tse tsamaisanang le dingolwa tse hlahang ho Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele.

Na ho na le sehlooho seo motho eo o ithutang Bibele le yena a thatafallwang ke ho se utlwisisa? Kapa na o na le bothata boo a tobaneng le bona? Batla video e ka mo thusang ho tse hlahang ho jw.org® le JW Broadcasting®. Mohlomong wena le yena le ka shebella e nngwe ya tsona mme la qoqa ka yona.

Ho tswa divideo tse ntjha kgwedi le kgwedi. Ha o ntse o di shebelletse, nahana ka moo o ka di sebedisang ho thusa ba bang.