Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Pakela Batho ba sa Boneng

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Pakela Batho ba sa Boneng

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Hangata batho ba sa boneng ha ba ikutlwe ba phutholohile ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Ka hoo ho hlokahala bokgoni hore re ba bolelle ditaba tse molemo. Jehova o tsotella batho ba sa boneng. (Le 19:14) Re ka mo etsisa ka hore re thuse batho ba sa boneng hore e be metswalle ya hae.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Batlang batho ba sa boneng. (Mat 10:11) Na o tseba motho eo lelapeng labo ho nang le motho ya sa boneng? Na tshimong ya lona ho na le sekolo, sebaka seo batho ba sa boneng ba hlokomelwang ho sona kapa dibaka tse ding tseo ba ka thabelang dingolwa tsa batho ba sa boneng?

  • Bontsha hore o a ba tsotella. Haeba o le botswalle, o tla thusa motho ya sa boneng hore a ikutlwe a phutholohile. Leka ho qala moqoqo ka taba eo batho ba e thahasellang sebakeng seo

  • Fana ka dingolwa tse tla ba thusa ho tseba Jehova. Ho thusa batho ba sa boneng, mokgatlo o entse dibuka ka mekgwa e fapaneng. Botsa motho hore na a ka thabela ho ithuta ka efe. Molebedi wa tshebeletso o lokela ho etsa bonnete ba hore mohlanka wa dibuka o kentse kopo ya sengolwa seo motho ya sa boneng a se kopileng