Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Nka Mema Bomang?

Nka Mema Bomang?

Selemo le selemo re etsa boiteko ba ho mema batho ba tshimong ya rona hore ba tle Sehopotsong. Boholo ba bona ha re ba tsebe. Re lokela ho mema le batho bao re ba tsebang. Hangata batho ba fumaneng memo ho batho bao ba ba tlwaetseng ba a tla Sehopotsong. (yb08 11 ¶3; 14 ¶1) O ka mema bomang?

  • Ba lelapa

  • Basebetsimmoho le batho bao o kenang sekolo le bona

  • Baahisane

  • Dipoelo le batho bao o ithutang Bibeleng le bona hona jwale le bao o neng o ithuta le bona nakong e fetileng

Hape baholo ba tla mema batho ba seng ba sa tle dibokeng hantle. Ho thweng haeba motho eo o mo tlwaetseng a sa dule sebakeng sa heno? O ka batla nako le sebaka seo Sehopotso se tla tshwarelwa ho sona moo a dulang teng, ka ho kena ho MABAPI LE RONA websaeteng ya jw.org/st-za, mme o tobetse “Sehopotso.” Ha o ntse o lokisetsa Sehopotso sa selemo sena, nahana ka batho bao o ka ba memang ebe o a ba mema.