Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Metswalle ya Hao Inthaneteng ke bo Mang?

Metswalle ya Hao Inthaneteng ke bo Mang?

Lentswe motswalle le bolela ya “kgomarelang e mong ka lebaka la lerato kapa tlhompho.” Ka mohlala, Jonathane le Davida e ile ya eba metswalle e matla ka mora hore Davida a bolaye Goliathe. (1Sa 18:1) Banna bana ka bobedi ba ne bana le makgabane a ratehang a neng a etsa hore ba thabele ho ba metswalle. Ka hoo e le hore setswalle sa lona se be matla o lokela ho tseba motswalle wa hao hantle. Ho hlokahala nako le boiteko hore o tsebe motho hantle. Motho a ka ba le metswalle metjheng ya puisano ka motsotswana feela. Ka ha batho ba nahana esale pele hore na ba tla reng, ba beha dintho tse tla etsa hore batho ba ba shebe ka tsela e itseng mme seo se ka etsa hore ba pate seo ba leng sona. Ka hoo ho molemo hore o ipehele moedi hore na o tla ba le metswalle ya mofuta ofe. Haeba motho eo o sa mo tsebeng a batla ho ba motswalle wa hao Inthaneteng o se ke wa tshaba ho hana hobane o nahana hore seo se tla mo utlwisa bohloko. Ka lebaka la dikotsi tse bang teng, batho ba bang ba kgethile ho se sebedise marangrang ka ho feletseng. Le ha ho le jwalo, ke eng seo o lokelang ho dula o se hopola haeba o kgetha ho sebedisa marangrang?

SHEBELLANG VIDEO YA EBA BOHLALE HA O ETSA METSWALLE INTHANETENG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Keng seo o lokelang ho nahana ka sona pele o beha ditshwantsho kapa o ngola ntho e itseng Inthaneteng?

  • Ke hobaneng ha o lokela ho kgetha metswalle ka bohlale Inthaneteng?

  • Ke hobaneng ha o lokela ho ipehela nako eo o tla e qeta o sebedisa marangrang?​—Ef 5:15, 16