Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

‘Sireletsa Pelo ya Hao’

‘Sireletsa Pelo ya Hao’

Jehova o ile a susumeletsa Solomone hore a ngole mantswe a reng: “O sireletse pelo ya hao ho feta dintho tse ding tsohle.” (Pr 4:23) Ka maswabi, batho ba Modimo e leng setjhaba sa Iseraele, ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova “ka dipelo tsohle tsa bona.” (2Kr 6:14) Le Morena Solomone o ile a dumella hore basadi ba hae ba bahetene ba mo kgelose hore a latele medimo e meng. (1Ma 11:4) O ka sireletsa pelo ya hao jwang? Potso ena ke sehlooho sa Tora ya ho Lebela e ithutwang ya January 2019 leqephe 14-19.

SHEBELLANG VIDEO YA SEO RE ITHUTANG SONA TORENG YA HO LEBELA​—O KA SIRELETSA PELO YA HAO JWANG? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

Keng e neng e ka fokodisa tumelo ya Bakreste ba latelang, hona sehlooho see se ba thusitse jwang?

  • Brent le Lauren

  • Umjay

  • Happy Layou

Sehlooho see se o thusitse jwang?