Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 4-10 March

PESALEME YA 16-17

La 4-10 March

Pina ya 111 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. “Jehova, Mohlodi wa ka wa Dintho Tse Molemo”

(10 mets.)

Metswalle e ratang Jehova e etsa hore re thabe (Ps 16:​2, 3; w18.12 26 ¶11)

Ha re tseba hore re metswalle ya Jehova re tla thaba (Ps 16:​5, 6; w14 2/15 29 ¶4)

Re a thaba ha Jehova a re sireletsa (Ps 16:​8, 9; w08 2/15 3 ¶2-3)

Re phela bophelo bo kgotsofatsang jwalo ka Davida hobane re nka ho sebeletsa Jehova, Mohlodi wa dintho tse molemo, e le ntho ya bohlokwa bophelong ba rona.

IPOTSE, ‘Bophelo ba ka bo ntlafetse jwang ha bo bapiswa le pele ke eba Paki?’

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 17:8—Polelwana e reng “thaka ya leihlo la hao” e bolelang? (it-2-E 714)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ya Sehopotso. (th thuto ya 11)

5. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ya Sehopotso. Haeba mongantlo a thabela memo eo, o ka mo bontsha video ya Ikgopotse Lefu la Jesu ebe le buisana ka yona. (th thuto ya 9)

6. Ha o Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Fana ka memo ya Sehopotso. (th thuto ya 2)

7. Ho Etsa Barutuwa

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 20

8. Dintho Tseo o ka di Etsang Nakong ya Sehopotso

(15 mets.) Puisano.

Ka ha re batla ho mamela taelo ya Jesu ya hore re ikgopotse lefu la hae, ka Sontaha sa la 24 March re tla be re ikgopotsa lona. Re tla hopola ka moo Jehova le Jesu ba re bontshitseng ka teng hore ba a re rata. (Lu 22:19; Joh 3:16; 15:13) Re ka etsang ho itokisetsa ketsahalo ee ya bohlokwa?

  • Etsa boiteko ba ho mema batho ba bangata ka moo o ka kgonang puong e kgethehileng le Sehopotsong. Ngola mabitso a batho bao o batlang ho ba mema. Haeba ba bang ba batho bao o batlang ho ba mema ba dula hole le tshimo ya phutheho ya heno, kena ho jw.org/st-za e le hore o ka bona hore na ke phutheho efe e haufi le moo ba dulang le hore na puo e kgethehileng le Sehopotso di tla ba ka nako mang

  • Ikemisetse ho eketsa nako eo o e qetang tshebeletsong ya tshimo kgweding ya March le April. Dikgweding tseo, o ka nka bopulamadiboho bo thusang mme wa kgetha ho etsa dihora tse 15 kapa tse 30

  • Ho tloha ka la 18 March o ka bala ka dintho tse ileng tsa etsahala beke pele Jesu a shwa. O ka ikgethela hore na ka letsatsi o tla bala ditemana tse kae tse hlahang ho “Mmalo wa Bibele wa Sehopotso sa 2024” leqepheng la 6 le la 7

  • Ka letsatsi la Sehopotso, shebella lenaneo le kgethehileng la Borapedi ba Hoseng ba Bethele ho jw.org/st-za

  • Dumedisa batho ba qalang ho tla Sehopotsong le ba seng ba sa tle dibokeng. Ka mora Sehopotso, o se ke wa tatela ho tsamaya e le hore o ka araba ba nang le dipotso. Buisana le ba qalang ho tla mme o kope ho ithuta Bibele le bona

  • Pele ho Sehopotso le ka mora sona, dula o nahana ka hore na lefu la Jesu le o tswela molemo jwang

Shebellang VIDEO ya Ikgopotse Lefu la Jesu ebe o botsa bamamedi potso ena:

Re ka sebedisa video ee jwang nakong eo re memelang batho Sehopotsong?

9. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) rr kgao. 7 ¶1-7 le video ya selelekela

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 73 le Thapelo