Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | THABELA TSHEBELETSO YA HAO

Thabela Tshebeletso ya Hao

Thabela Tshebeletso ya Hao

Lentswe la Modimo le na le matla. (Heb 4:12) Le kgona le ho finyella dipelo tsa batho ba sa tsebeng Modimo. (1Th 1:9; 2:13) Re thaba haholo ha re bona motho a ananela nnete ya Bibele eo a qalang ho e utlwa.

SHEBELLA VIDEO E RENG FUMANA THABO HA O NTSE O RUTA BATHO BIBELE​—NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA​—BA THUSE HO UTLWISISA LENTSWE LA MODIMO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Niki o ile a sebedisa Bibele jwang hore a thuse Jade ho bona bohlokwa ba ho fumana dikarabo Lentsweng la Modimo?

  • Niki o ile a thusa Jade jwang hore a utlwisise Lentswe la Modimo ha a ne a mo kopa hore a balle temana hodimo le ka ho hlalosa ntlha ya bohlokwa temaneng eo?

  • Ke eng e bontshang hore lengolo leo le ile la finyella pelo ya Jade, hona o nahana hore Niki o ile a ikutlwa jwang?