Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING

Eketsa Thabo ya Hao Boboleding​—⁠Botsa Dipotso

Eketsa Thabo ya Hao Boboleding​—⁠Botsa Dipotso

Jehova “Modimo ya thabileng” o batla hore re thabele tshimo. (1Ti 1:11) Re tla thaba haholo ha re ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho ruta. Ho botsa dipotso ho ka etsa ho be bonolo hore motho a batle ho qoqa. Dipotso di thusa batho ho nahana le ho beha mabaka. (Mat 22:41-45) Ho botsa potso le ho mamela ha motho a araba ho bontsha hore re mo nka e le motho wa bohlokwa. (Jak 1:19) Karabo ya motho e tla re thusa ho utlwa hore na re lokela ho lebisa moqoqo hokae.

SHEBELLA VIDEO YA FUMANA THABO HA O NTSE O RUTA BATHO BIBELE​—NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA​—BOTSA DIPOTSO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke makgabane afe ao Jade a ileng a a bontsha?

  • Niki o ile a sebedisa dipotso jwang ho bontsha hore o rata ho qoqa le Jade?

  • Niki o ile a sebedisa dipotso jwang ho etsa hore Jade a batle ho tseba ho eketsehileng?

  • Niki o sebedisitse dipotso jwang ho thusa Jade ho nahana le ho beha mabaka?