Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng

O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng

Kora, Dathane le Abirame ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa Jehova. Ka hoo, Jehova o ile a ba timetsa ha mmoho le bohle ba neng ba ba tshehetsa. (Nu 16:26, 27, 31-33) Ke maemo afe a ka lekang botshepehi ba rona ho Jehova? Ke mehlala efe e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang ho qoba ho ba jwalo ka batho ba sa kang ba tshepahala?

SHEBELLA VIDEO YA O SE KE WA ETSISA BATHO BA SA TSHEPAHALENG, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke boemo bofe bo lekang tumelo boo Nneheng a ileng a ba ho bona, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe hore a tshepahale?

  • Ke ntho efe e ileng ya leka botshepehi ba morabo rona ya swetsehileng, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe?

  • Ke boemo bofe bo ileng ba leka morabo rona Thabiso, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe hore a dule a tshepahala?

  • Ke ntho efe e ileng ya leka botshepehi ba morabo rona ya ntseng a le sekolong, hona ke mohlala ofe o ileng wa mo thusa?