Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Lerato . . . le Tshepa Dintho Tsohle”

“Lerato . . . le Tshepa Dintho Tsohle”

Lerato leo re nang le lona bakeng sa bara le baradibabo rona le etsa hore re tshepe hore ba tla etsa diqeto tse molemo. (1Ko 13:​4, 7) Ka mohlala, ha mora kapa maradiwabo rona a entse sebe mme a fumana kgalemelo, re na le tshepo ya hore o tla sebedisa keletso eo a e fumaneng ho lokisa setswalle sa hae le Jehova. Re bontsha mamello ho batho bao tumelo ya bona e fokolang mme re leka ho ba thusa. (Bar 15:⁠1) Haeba motho a tlohela ho sebeletsa Jehova re na le kgodiseho ya hore ka letsatsi le leng o tla kgutlela ka phuthehong.​—Lu 15:17, 18.

SHEBELLANG VIDEO YA HOPOLA KA MOO LERATO LE LENG KA TENG​—⁠LE TSHEPA DINTHO TSOHLE EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Maikutlo a Abnere ka Davida a ile a fetoha jwang?

  • Davida o ile a arabela kopo ya Abnere jwang? Joabe yena o ile a itshwara jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bona se setle ho bara le baradibabo rona?