Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o se o Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Na o se o Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Ha bofelo bo ntse bo atamela re ka lebella hore ho be le merusu, bokgukguni le dintwa tse eketsehileng. (Tše 6:⁠4) Re ka itokisa jwang bakeng sa mathata a ka re hlahelang nakong e tlang?

  • Matlafatsa setswalle sa hao le Jehova: Ithute melaomotheo ya Bibele le ditlaleho tse ka o thusang hore o tshepe Jehova le mokgatlo wa hae le e tla o thusa hore o dule o sa nke lehlakore. (Lipr 12:⁠5; jr 125-126 ¶23-24) Ena ke nako ya hore o matlafatse setswalle sa hao le bara le baradibabo rona ka phuthehong.​—⁠1Pe 4:​7, 8

  • Lokisa dintho tseo o tla di hloka: Etsa bonnete ba hore o na le leano le tla o thusa hore o dule o bolokehile haeba o sa kgone ho tsamaya le hore o be le dijo le metsi a lekaneng. O lokela ho etsa leano la hore na o tla etsa jwang haeba o tlameha ho tsamaya moo o dulang teng. Sheba hore na ho na le eng ka mokotleng wa hao wa tshohanyetso mme o etse bonnete ba hore o na le dintho tsa thuso ya pele le tjhelete. Etsa bonnete ba hore o na le mokgwa wa ho buisana le baholo le hore le bona ba na le mokgwa wa ho buisana le wena.​—⁠Esa 32:⁠2; g17.5 3-⁠7

Nakong ya morusu, tswela pele ho etsa dintho tseo o tlwaetseng ho di etsa ho rorisa Jehova jwalo ka ho rapela, ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng. (Fil 1:​10) Dula sebakeng se le seng ntle le ha ho hlokahala hore o ye sebakeng se seng. (Mat 10:​16) Arolelana le ba bang dijo le dintho tse ding.​—⁠Bar 12:⁠13.

SHEBELLANG VIDEO YA O KA ETSANG HO ITOKISETSA DIKODUWA? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Jehova a ka re thusa jwang nakong ya dikoduwa?

  • Re ka itokisa jwang bakeng sa mathata a ka hlahang?

  • Re ka etsang ho thusa ba hlahetsweng ke dikoduwa?