Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Bua ka Diketsahalo Tsa Moraorao ha o le Tshimong

Bua ka Diketsahalo Tsa Moraorao ha o le Tshimong

Ha Jesu a ne a ruta, o ne a bua ka dintho tse neng di etsahala ka nako eo. (Lu 13:​1-⁠5) O ka bua ka diketsahalo tsa moraorao ho etsa hore batho ba thabele ho ithuta molaetsa wa Mmuso. Ka mora ho bua ka mathata a ditjhelete, dikoduwa tsa tlhaho, merusu, ho lemalla dithethefatsi kapa dintho tse ding tse tshwanang le tseo, botsa motho potso e tla etsa hore a batle ho utlwa karabo. O ka nna wa mo botsa: “Na o nahana hore . . .  di tla ke di fele?” kapa “Na ho tla ke ho be le tharollo bakeng sa . . . ?” Ebe o mo balla lengolo le amanang le seo le buileng ka sona. Haeba motho a thabela molaetsa, mo bontshe video kapa o mo fe sengolwa se hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta. Ha re ntse re tswela pele ka mosebetsi wa rona wa ho etsa batho barutuwa, e se eka re ka “etsa dintho tsohle ka lebaka la ditaba tse molemo.”​—⁠1Ko 9:​22, 23.

Ke dintho dife tseo batho ba tshimong ya heno ba amehileng ka tsona?