Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 17-23 June

PESALEME YA 51-53

La 17-23 June

Pina ya 89 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Dintho Tse ka o Thusang ho Qoba ho Etsa Dibe Tse Tebileng

(10 mets.)

O se ke wa itshepa ho tlola hobane ho ka ba bonolo hore motho e mong le e mong a etse ntho e fosahetseng (Ps 51:5; 2Ko 11:3)

Dula o etsa dintho tse matlafatsang kamano ya hao le Jehova (Ps 51:6; w19.01 15 ¶4-5)

Lwantsha ho nahana ka dintho tse fosahetseng le ho ba le ditakatso tse sa lokang (Ps 51:​10-12; w15 6/15 15 ¶5-6)

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 52:​2-4—Ditemana tsee di re rutang ka Doege? (it-1-E 644)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ya 7 ntlha ya 3)

5. Ha o Qala Moqoqo

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ya 4 ntlha ya 4)

6. Kgutlela ho Batho

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ruta motho eo o ntseng o buisana le yena hore na lebitso la Modimo ke mang. (lmd thuto ya 9 ntlha ya 5)

7. Ho Etsa Barutuwa

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 115

8. Seo o ka se Etsang ho Lokisa Diphoso Tsa Hao

(15 mets.) Puisano.

Ho sa tsotellehe hore na re sebetsa ka thata hakae hore re dule re tshepahalla Jehova, nnete ke hore kaofela ha rona re etsa diphoso. (1Jo 1:8) Haeba re entse phoso, ha re a lokela ho dumella ho tshoha kapa ho hlajwa ke dihlong tsa hore re tla ba mathateng ho re sitisa ho kopa thuso ho Jehova le hore a re tshwarele. (1Jo 1:9) Mohato wa pele oo re lokelang ho o nka ho lokisa diphoso tseo re di entseng ke ho rapela Jehova.

Balang Pesaleme ya 51:​1, 2, 17 ebe o botsa bamamedi potso ena:

  • Seo Davida a se buileng ditemaneng tsee, se re susumetsa jwang hore re kope thuso ho Jehova ha re entse dibe tse tebileng?

Shebellang VIDEO ya Botjha ba ka—Nka Lokisa Diphoso Tsa ka Jwang? ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • Ke dintho dife tse ileng tsa etsa hore Thalila le José ba etse diphoso?

  • Ba ile ba etsang ho lokisa diphoso tsa bona?

  • Ba ile ba rua melemo efe ka ho etsa jwalo?

9. Thuto ya Bibele ya Phutheho

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 129 le Thapelo