Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 20-26 May

PESALEME YA 40-41

La 20-26 May

Pina ya 102 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Ke Hobaneng ha re Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

(10 mets.)

Ho thusa batho ba bang ho a re thabisa (Ps 41:1; w18.08 22 ¶16-18)

Jehova o thusa batho ba thusang batho ba bang (Ps 41:​2-4; w15 12/15 24 ¶7)

Ha re thusa batho ba bang re rorisa Jehova (Ps 41:13; Pr 14:31; w17.09 12 ¶17)

IPOTSE, ‘Na ho na le motho eo nka mo thusang phuthehong ya heso hore a tsebe ho sebedisa JW Library app hantle?’

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 40:​5-10—Thapelo eo Davida a ileng a e etsa e re rutang ka boemo ba Jehova jwalo ka Mmusi wa Dintho Tsohle? (it-2-E 16)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo le motho ya bonahalang a thabile. (lmd thuto ya 2 ntlha ya 3)

5. Ha o Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo le motho ya bonahalang a hlorile. (lmd thuto ya 3 ntlha ya 5)

6. Ho Etsa Barutuwa

(5 mets.) lff kgaolo ya 14 ntlha ya 6. Buisanang ka dintlha tse hlahang sehloohong se reng “Rorisang Jehova Hara Phutheho” se hlahang tlasa karolo ya “Batla” le motho eo o ithutang Bibele le yena, ya tshabang ho arabela dibokeng. (th thuto ya 19)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 138

7. Etsetsa ba Hodileng Dintho Tse Molemo

(15 mets.) Puisano.

Ka ha Jehova o ananela mosebetsi wohle oo bara le baradi ba bo rona ba hodileng ba o etsang ka phuthehong ya hae, le rona re lokela ho ba nka ba le bohlokwa. (Heb 6:10) Ba qetile dilemo tse ngata ba sebetsa ka thata ho ruta, ho kwetlisa le ho kgothatsa Bakrestemmoho le bona. Ho ka etsahala hore ebe le wena o hopola ka moo ba ileng ba o thusa ka teng. Re ka bontsha jwang hore re ananela dintho tseo ba ileng ba di etsa le tseo ba ntseng ba di etsetsa phutheho hona jwale?

Shebellang VIDEO ya ‘A re Sebetseng se Molemo ho Bara le Baradi ba bo Rona’ ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • Morabo rona Ji-Hoon o ithutileng ho Morabo rona Ho-jin Kang?

  • Ke hobaneng ha o ananela bara le baradi ba bo rona ba hodileng ba phuthehong ya heno?

  • Re ithutang papisong ya Mosamaria ya molemo?

  • Ke hobaneng ha o nahana hore Morabo rona Ji-Hoon o entse qeto e nepahetseng ka hore ebe o ile a mema bara le baradi ba bo rona ba bang ha a ne a ilo thusa Morabo rona Ho-jin Kang?

Haeba re nahana ka ditlhoko tsa bara le baradi ba bo rona ba hodileng ba diphuthehong tsa ha bo rona, re tla fumana ditsela tse ngata tsa ho ba thusa. Ha o hlokomela hore ba hloka thuso, ba thuse.—Jak 2:​15, 16.

Balang Bagalata 6:10 ebe o botsa bamamedi potso ena:

  • O ka etsang ho thusa badumedimmoho le wena ba hodileng ba phuthehong ya heno?

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 8 le Thapelo