Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 27 May–la 2 June

PESALEME YA 42-44

La 27 May–la 2 June

Pina ya 86 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Sebedisa Dintho Tseo Jehova a re Rutang Tsona

(10 mets.)

Sebedisa menyetla yohle ya ho rapela Jehova o ena le Bakrestemmoho le wena ha ho kgoneha (Ps 42:​4, 5; w06 6/1 9 ¶4)

Rapela Jehova ha o ithuta Lentswe la hae (Ps 42:8; w12 1/15 15 ¶2)

Dumella Lentswe la Modimo ho o tataisa bophelong (Ps 43:3)

Dintho tseo re ithutang tsona ka Lentsweng la Modimo di re thusa ho mamella mathata ao re ka bang le ona. Di boetse di re thusa hore re kgone ho tshepahalla Jehova le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—1Pe 5:10; w16.09 5 ¶11-12.

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 44:19—Polelwana e reng “moo diphokojwe di dulang teng” e bolelang? (it-1-E 1242)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bua le monga ntlo o mo kope hore o ithute Bibele le yena. (lmd thuto ya 5 ntlha ya 5)

5. Kgutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Memela monga ntlo puong ya phatlalatsa. Etsa eka o mo shebellisa video ya Ho Etsahala Eng Holong ya Mmuso? ebe le buisana ka yona (lmd thuto ya 7 ntlha ya 5)

6. Puo

(3 mets.) lmd dintlha tsa A ntlha ya 4—Sehlooho: Batho Bohle ba Tla Phela Hantle. (th thuto ya 2)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 21

7. Etsa Diqeto Tse Nepahetseng ha o Kgetha Mosebetsi le Thuto eo o Tla ba le Yona

(15 mets.) Puisano.

Batjha, na le se le rerile hore na le tla etsang ka mora ho qeta high school? Mohlomong ho na le mosebetsi oo o nahanneng ho o etsa, o tla o dumella ho ba pulamadiboho. Kapa ho ka etsahala hore ebe o se o nahanne ka ho ba le thuto e tla etsa hore o be le tsebo, license kapa lengolo la ho etsa mosebetsi o jwalo. Ena ke nako ya ho etsa diqeto tsa bohlokwa! Le ha ho le jwalo,o ka nna wa ikutlwa o ferekane ebile o sa tsebe hore na o etse qeto efe kapa ho ka etsahala hore o be tlasa kgatello ya ho etsa qeto e tla kgahlisa batho ba bang. O ka thuswa keng hore o etse diqeto tse nepahetseng?

Balang Matheu 6:​32, 33. Ka mora moo, o botse bamamedi dipotso tsena:

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o tsebe hore na o batla ho etsetsa Jehova eng pele o etsa diqeto tsa bohlokwa tse mabapi le mosebetsi kapa thuto?

  • Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba sebedise keletso e ho Matheu 6:​32, 33?—Ps 78:​4-7

Eba hlokolosi hore o se ke wa dumella takatso ya ho batla ho ba le tjhelete e ngata le ya ho tuma ho o susumetsa ha o etsa diqeto. (1Jo 2:​15, 17) Hopola hore haeba motho a batla ho ba le tjhelete e ngata, ntho eo e ka etsa hore a se ke a amohela molaetsa wa Mmuso wa Modimo. (Lu 18:​24-27) Haeba motho a sebetsa ka thata hore a be le tjhelete e ngata, seo se ka etsa hore ho be thata hore a be le tumelo e matla le hore a amehe ka ho thabisa Jehova.—Mat 6:24; Mar 8:36.

Shebellang VIDEO ya O se ke wa Tshepa Dintho Tse se Nang Thuso—Ho Batla ho ba le Tjhelete e Ngata ebe o botsa bamamedi potso ena:

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

Dintlha Tse Phethelang (3 mets) | Pina ya 47 le Thapelo