Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

“Le Leleke Baahi Bohle ba Naha”

“Le Leleke Baahi Bohle ba Naha”

Jehova o ile a laela bahlanka ba hae hore ba kgaotse ho etsa dintho tse ka etsang hore ba se ke ba mo tshepahalla Naheng e Tshepisitsweng (Nu 33:52; w10 8/1 23)

Jehova o ne a tla hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho rua naha (Nu 33:53)

Baiseraele ba ne ba tla ba le mathata haeba ba ne ba sa fedise dira tsa bona (Nu 33:55, 56; w08 2/15 27 ¶5-6; it-1-E 404 ¶2)

E le hore re thabise Jehova, re lokela ho tlohella ho etsa dintho tse kgahlanong le melao ya hae le tse ka senyang setswalle sa rona le yena. (Jak 1:21) Jehova o re fa matla a hore re lwantshane le sebe le hore re hlole tshusumetso e mpe ya lefatshe lena.