Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata

Kgalemelo e Bontsha Hore Jehova o a re Rata

Kgalemelo e bolela ho ruta le ho laya hape e ka boela ya bolela ho lokisa kapa ho fuwa kotlo. Jehova a ka re kgalemela, e le hore re mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. (Bar 12:1; Heb 12:10, 11) Ka dinako tse ding, kgalemelo e ka ba bohloko empa ba e fumanang e ka ba thusa hore e be batho ba lokileng le hore ba fumane ditlhohonolofatso tsa Jehova. (Lipr 10:7) Batho ba fuwang kgalemelo le ba fanang ka yona, ba lokela ho hopolang?

Motho ya fanang ka kgalemelo. Baholo, batswadi le ba bang ba etsisa Jehova ka hore ba etse sohle seo ba se kgonang hore ba fane ka kgalemelo ka tsela e bontshang lerato le mosa. (Jer 46:​28) Esita le kgalemelo e matla e lokela hore e fanwe ka lerato le ka tsela e loketseng.​—Tit 1:13.

Motho ya fuwang kgalemelo. Ho sa tsotellehe hore na re fuwa kgalemelo ya mofuta ofe, re lokela ho e amohela mme re e sebedise hanghang. (Lipr 3:11, 12) Ka ha ha re a phethahala, kaofela ha rona re hloka kgalemelo ho sa tsotellehe hore na ke ya mofuta ofe. Re ka fumana kgalemelo ka Bibeleng, ha re le dibokeng mme ka dinako tse ding ba bang ba ka fumana kgalemelo ho komiti ya boahlodi. Haeba re amohela kgalemelo mme re e sebedisa, re tla thabela bophelo hona jwale mme re tla phela ka ho sa feleng nakong e tlang.​—Lipr 10:17.

SHEBELLANG VIDEO YA “JEHOVA O KGALEMELA BAO A BA RATANG,” EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Bophelo ba morabo rona Canon bo ne bo le jwang pele, hona bo ile ba fetoha jwang?

  • Jehova o ile a mo kgalemela ka lerato jwang?

  • Amohela kgalemelo ya Jehova

    Re ka ithutang mohlaleng wa morabo rona Canon?