Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”

Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”

Ha re ntse re mamelletse nako ena eo re phelang ho yona ya matsatsi a ho qetela, re lebelletse hore re tla nne re hlahelwe ke mathata a mangata. (2Ti 3:1; tlhaloso ya Mat 24:8 e ho nwtsty-E) Batho ba Jehova ba dula ba fumana tataiso e nakong le e tla pholosa bophelo ba bona ha dikoduwa di hlaha. E le hore re pholohe ha koduwa ya tlhaho e ka hlaha, seo se itshetlehile ka hore re itokise le ho mamela hona jwale. Re boetse re lokela ho matlafatsa setswalle sa rona le Jehova hape re lokise dintho tseo re tla di hloka ka nako eo.​—Lu 16:10.

  • Matlafatsa setswalle sa hao le Jehova: Ithute ka mehla. Ithute mekgwa e fapaneng ya ho ruta batho Bibele. O se ke wa tshoha haholo haeba o arohane le bara le baradibabo rona ka nakwana. (Esa 30:15) Le ka mohla ha hona ntho e ka kgonang ho re arohanya le Jehova le Jesu.​—od 176 ¶15-17

  • Lokisa dintho tseo o tla di hloka: O tla hloka mokotla wa tshohanyetso. Ho ka etsahala hore lelapa le dule sebakeng se itseng ka nako e telele, ka hoo lelapa le leng le le leng le lokela ho beha dijo tse lekaneng, metsi, meriana le dintho tse ding tse kang tseo.​—Lipr 22:3; g17.5 4, 6

SHEBELLANG VIDEO YA O KA ETSANG HO ITOKISETSA DIKODUWA? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • O ka matlafatsa setswalle sa hao le Jehova jwang e le ho itokiselletsa dikoduwa?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho . . . 

    • dula re buisana le baholo?

    • dula re lokisitse mokotla wa tshohanyetso?

    • sheba mefuta e fapaneng ya dikoduwa le hore na re tla etsang ha di hlaha?

  • Ke dintho dife tse tharo tseo re ka di etsang ho thusa ba hlahetsweng ke dikoduwa?

IPOTSE, ‘Ke ithutileng ka ho dula ke itokisitse nakong ena ya lefu la sewa la coronavirus?