Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Jehova o Rata ya Fanang a Nyakaletse

Jehova o Rata ya Fanang a Nyakaletse

2 Bakorinthe 9:7 e re: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.” Mehleng ena re na le ditsela tse bonolo tsa ho ntsha menehelo Inthaneteng e le hore re tshehetse mosebetsi o etswang ke Dipaki Tsa Jehova naheng ya rona le lefatsheng lohle.

SHEBELLA VIDEO E RENG KA MOO O KA NTSHANG MONEHELO O SEBEDISA SESEBEDISWA SA ELEKTRONIKE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • E le hore re bone hore na naheng ya rona ho na le mekgwa efe ya ho ntsha monehelo, re ka fumana leqephe le bontshang dintlha tseo jwang?

  • Ho ntsha menehelo ka Inthanete ho tswetse batho ba bang molemo jwang?

  • Mekgwa e meng ya ho ntsha monehelo ke efe?

  • Re ka etsang haeba re sa utlwisise mekgwa ena e metjha ya ho ntsha monehelo ka Inthanete?