Bapalami ba Bane ba Dipere
Jesu o ile “a tloha e le ya hlolang” ha a ne a lwana le Satane le bademona ba hae lehodimong mme a ba lahlela lefatsheng. Jesu o ntse a hlola molemong wa bahlanka ba hae ka ho ba thusa le ho ba sirelletsa matsatsing ana a ho qetela. O tla ‘phetha tlholo ya hae’ ka Armagedone ha a fedisa bapalami ba bang ba dipere tse tharo mme ka mora moo o tla lokisa tshenyo e bakilweng ke bapalami bao.