Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Qoba ho Susumetswa ke Lefatshe ha o Hlophisa Lenyalo

Qoba ho Susumetswa ke Lefatshe ha o Hlophisa Lenyalo

Bakreste ba hlophisang lenyalo ba na le diqeto tse ngata tseo ba lokelang ho di etsa. Ba ka nna ba ikutlwa ba le tlasa kgatello ya ho etsa lenyalo le majabajaba jwalo ka ha ho tlwaelehile sebakeng seo ba dulang ho sona. Metswalle e ba lakaletsang se setle le ditho tsa lelapa ba ka nna ba ntsha maikutlo a bona ka hore na lenyalo le lokela ho ba jwang. Ke melaomotheo efe ya Bibele e tla thusa batho ba tla nyalana hore ba hlophise lenyalo la bona ka tsela e tla etsa hore ba be le letswalo le letle mme ba se ke ba ikwahlaya?

SHEBELLA VIDEO E RENG MANYALO A HLOMPHANG JEHOVA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Melaomotheo ya Bibele e latelang e ile ya thusa Nick le Juliana jwang?

  • Ke hobaneng ha batho ba rerang ho nyalana ba lokela ho kgetha morabo rona ya nkang dintho ka ho teba hore e be “motsamaisi wa mokete”?​—Joh 2:9, 10.

  • Nick le Juliana ba ile ba etsa diqeto mabapi le lenyalo la bona ba itshetlehile ka mabaka afe?

  • Ke mang ya ikarabellang ka ho etsa diqeto mabapi le mokete wa lenyalo?​—w06 10/15 25 ¶10.