Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Le Kgotsofalle Dintho Tseo le Nang le Tsona”

“Le Kgotsofalle Dintho Tseo le Nang le Tsona”

Haeba maemo a rona a ditjhelete a se matle, re ka susumeletseha ho etsa dintho tse ka senyang setswalle sa rona le Jehova. Ka mohlala, re ka fumana monyetla wa ho ba le tjhelete e ngata empa monyetla oo o re sitisa ho sebeletsa Jehova. Ho nahanisisa ka Baheberu 13:5 ho ka re thusa.

“Le se ke la rata tjhelete”

  • Rapela mme o nahanisise ka hloko hore na tjhelete e bohlokwa hakae ho wena le hore na o behela bana ba hao mohlala ofe mabapi le ho ba le tjhelete.—g 9/15 6.

“Le kgotsofalle dintho tseo le nang le tsona”

  • Fetola pono ya hao ka hore na ha e le hantle ditlhoko tsa hao ke dife.—w16.07 7-8 ¶1-2.

“Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla”

  • Tshepa hore Jehova o tla o fa dintho tsohle tseo o di hlokang haeba o etsa hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba hao.—w14 4/15 21 ¶17.

SHEBELLANG VIDEO YA BADUMEDIMMOHO LE RONA BA NTSE BA ENA LE KGOTSO HO SA TSOTELLEHE MATHATA A DITJHELETE EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

O ithutang ho se ileng sa etsahalla morabo rona Miguel Novwa?