Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 23-29 December

PESALEME YA 119:​121-176

La 23-29 December

Pina ya 31 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. O ka Qoba ho Ikutlwisa Bohloko ho sa Hlokahale Jwang?

(10 mets.)

Rata melao ya Modimo (Ps 119:127; w18.06 17 ¶5-6)

Hloya se sebe (Ps 119:128; w93 4/15 17 ¶12)

Mamela Jehova mme o qobe ho etsa diphoso tse tshwanang le tsa batho “ba se nang boiphihlelo” (Ps 119:​130, 133; Pr 22:3)

IPOTSE, ‘Ke hokae moo ke lokelang ho ntlafatsa teng ho bontsha hore ke rata melao ya Modimo le hore ke hloile se sebe?’

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 119:160—Ho ya ka temana ye, re lokela ho kgodiseha ka eng? (w23.01 2 ¶2)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ya 1 ntlha ya 5)

5. Kgutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontsha motho boitsebiso bo hlahang ho jw.org boo a ka bo thahasellang. (lmd thuto ya 8 ntlha ya 3)

6. Kgutlela ho Batho

(5 mets.) Buisana le motho eo o ithutang Bibele le yena ya sa beng teng dibokeng ka mehla. (lmd thuto ya 12 ntlha ya 4)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 121

7. Re se ke ra Dumella Tjhelete ho re Bakela Mathata a sa Hlokahaleng

(15 mets.) Puisano.

Batho ba ratang tjhelete “ba ipaketse mathata a mangata.” (1Ti 6:​9, 10) Haeba re rata tjhelete ebile re e dumella hore e be yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona, re ka hlahelwa ke mathata a latelang:

  • Re ke ke ra ba metswalle e haufi ya Jehova.—Mat 6:24

  • Re ke ke ra kgotsofala.—Moe 5:10

  • Re tla thatafallwa ke ho kgaotsa ho etsa dintho tse mpe tse kang ho bua leshano, ho utswa le ho se tshepahale. (Pr 28:20) Haeba re etsa dintho tse mpe, re tla ba le letswalo le molato, re be le botumo bo bobe re be re senyehelwe ke setswalle le Jehova

Bala Baheberu 13:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke boikutlo bofe ka tjhelete bo ka re thusang ho qoba ho ba le mathata hona ke hobaneng ha re re ho ka re thusa?

Le haeba re sa rate tjhelete, re ka hlahelwa ke mathata haeba re sa e sebedise ka bohlale.

Shebellang VIDEO YA DIPOPAE Nka Sebedisa Tjhelete ha Molemo Jwang? ebe o botsa bamamedi:

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bajeta mme re ka e etsa jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho boloka tjhelete?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho etsa dikoloto ho sa hlokahale?

8. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) rr karolo ya 5, kgao. 19 ¶1-6, video ya selelekela le lebokose la 19A

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 101 le Thapelo