Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 9-10

Jesu o Hlokomela Dinku Tsa Hae

Jesu o Hlokomela Dinku Tsa Hae

10:1-5, 11, 14, 16

Modisa o na le kamano e ntle le dinku tsa hae ka ha o a di tseba mme di a mo tshepa. Jesu e leng Modisa ya Kgabane, o tseba nku e nngwe le e nngwe ya hae. O tseba ditlhoko, bofokodi le matla a tsona. Dinku di tseba modisa wa tsona ebile di tshepa le tataiso ya hae.

Jesu o bontsha hore ke Modisa ya Kgabane jwang ha a . . .

  • bokella dinku tsa hae?

  • tataisa dinku tsa hae?

  • sireletsa dinku tsa hae?

  • fepa dinku tsa hae?