Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Lerato le Kgetholla Bakreste ba Nnete—Thabela Nnete

Lerato le Kgetholla Bakreste ba Nnete—Thabela Nnete

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re pakele nnete mabapi le merero ya Modimo. (Joh 18:37) Re lokela ho thabela nnete, re bue nnete mme re nahane ka dintho tsa nnete le hoja re phela lefatsheng le se nang nnete le toka.—1Ko 13:6; Fil 4:8

KAMOO O KA HO ETSANG KATENG:

  • Ikemisetse ho se mamele le ho se hase lesebo le kotsi.—1Th 4:11

  • O se ke wa thaba ha motho e mong a hlahelwa ke mathata

  • Thabela dintho tse molemo le tse kgothatsang

SHEBELLANG VIDEO E RENG “EBANG LE LERATO HARA LONA”—LE SE KE LA THABELA HO SE LOKE EMPA LE THABELE NNETE, EBE LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke ka tsela efe Tshepang a neng a “thabela ho se loke”?

  • Neo o ile a fetola moqoqo jwang hore e be o hahang ha a ne a bua le Tshepang?

  • Ke dintho dife tse molemo tseo re ka buang ka tsona?

Le se ke la thabela ho se loke empa le thabele nnete