Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Jehova o Pholosa ba Imetsweng Maikutlong

Jehova o Pholosa ba Imetsweng Maikutlong

Motho e mong le e mong o na le ho utlwa bohloko. Ho utlwa bohloko ha ho bontshe hore tumelo ya rona e a fokola. Etswe le Jehova o na le ho utlwa bohloko ka dinako tse ding. (Ge 6:​5, 6) Ho thweng teng haeba ka dinako tse ding kapa ka dinako tsohle re dula re utlwile bohloko haholo?

Rapela Jehova o mo kope thuso. Jehova o amehile ka hore na re ikutlwa jwang. O a tseba ha re thabile le ha re utlwile bohloko. O utlwisisa hantle hore na ke hobaneng ha re nahana le ho ikutlwa ka tsela eo re ikutlwang ka yona. (Ps 7:9b) Ha bohlokwa le ho feta ke hore Jehova o a re tsotella ebile a ka re thusa ho sebetsana le ho utlwa bohloko kapa ho tepella maikutlong.—Ps 34:18.

Sireletsa kelello ya hao. Ho nyahama ha ho etse feela hore re se ke ra thaba empa ho ka boetse ha ama setswalle sa rona le Jehova. Ka lebaka lena re tla be re etsa hantle ha re sireletsa dipelo tsa rona ka ha di senola seo re hlileng re leng sona.—Pr 4:23.

SHEBELLANG VIDEO YA BADUMEDIMMOHO LE RONA BA NTSE BA ENA LE KGOTSO HO SA TSOTELLEHE KGATELLO YA MAIKUTLO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Moradi wa bo rona Nikki o ile a etsang ho sebetsana le kgatello ya maikutlo?

  • Ke hobaneng ha Moradi wa bo rona Nikki a ile a utlwa hore o lokela ho ya ngakeng?—Mat 9:12

  • Moradi wa bo rona Nikki o ile a etsang ho bontsha hore o tshepile Jehova hore a mo thuse?