Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 16-22 September

PESALEME YA 85-87

La 16-22 September

Pina ya 41 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mets.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle

(10 mets.)

Kopa Jehova a o thuse hore o dule o thabile (Ps 86:4)

Kopa Jehova hore a o thuse hore o dule o tshepahala (Ps 86:​11, 12; w12 5/15 25 ¶10)

Eba le tshepo ya hore Jehova o tla araba dithapelo tsa hao (Ps 86:​6, 7; w23.05 13 ¶17-18)


IPOTSE, ‘Na ha ke ena le mathata ke ipha nako e lekaneng ya ho rapela Jehova ebile ke mo rapela hangata?’—Ps 86:3.

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Ps 86:11—Thapelo ya Davida e re bolellang ka pelo ya motho? (it-1-E 1058 ¶5)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ya 3 ntlha ya 5)

5. Kgutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo o ntseng o qoqa le yena o ne a tshwenyehile ka ntho e sa tswa etsahala sebakeng sa habo. Lekgetlong lena, kopa ho ithuta Bibele le yena. (lmd thuto ya 7 ntlha ya 4)

6. Ho Etsa Barutuwa

(5 mets.) lff kgaolo ya 15 ntlha ya 5. Buisana le motho eo o ithutang le yena hore na o entse ditlhophiso dife e le hore thuto e ka tswela pele bekeng e tlang ha wena o le siyo. (lmd thuto ya 10 ntlha ya 4)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 83

7. O se ke wa Tela

(5 mets.) Puisano.

Shebellang VIDEO ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re ka utlwa re sa batle ho tswela pele re etsa mosebetsi wa boboledi?

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho tela?

8. Tswela Pele ho Ithaopela ho Ruta Batho Bibele

(10 mets.) Puisano.

Na o se o qadile ho sebedisa bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho qadisa thuto ya Bibele letsholong le kgethehileng la kgweding ee? Haeba ho jwalo, e tlameha ebe o thabetse ho etsa seo. Ho ka etsahala hore ebe seo se kgothaditse le ba bang. Mohlomong haeba ha o eso kgone ho qadisa thuto ya Bibele, o ikutlwa eka mosebetsi wa hao ke wa lefeela. O ka etsang haeba ntho eo e o nyahamisa?

Shebellang TSHWANTSHISO ya “Re a Bontsha Hore re Basebeletsi ba Modimo . . . ka ho Mamella”—Ha re Ruta Batho Molaetsa wa Bibele ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • 2 Bakorinthe 6:​4, 6 e ka re thusa jwang haeba re bona eka ha re atlehe boboleding?

  • Ke diphetoho dife tseo o ka di etsang ha o bona boiteko ba hao ba ho qadisa dithuto bo sa atlehe?

Hopola hore thabo ya rona ha e a itshetleha ka ho qadisa dithuto tsa Bibele kapa ho di kganna. Le ha ho le jwalo, re thabiswa ke ho tseba hore Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang. (Lu 10:​17-20) Ka hoo tswelang pele le tshehetsa letsholo lena le kgethehileng ka pelo yohle le tseba hore “mosebetsi oo le o etsetsang Morena ha se wa lefeela.”—1Ko 15:58.

9. Thuto ya Bibele ya Phutheho

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 39 le Thapelo