Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 25-28

Le be Sebete Joaloka Jeremia

Le be Sebete Joaloka Jeremia

Jeremia o ile a lemosa hore Jerusalema e ne e tla felisoa joaloka Shilo

26:6

  • Areka ea selekane, e neng e bontša boteng ba Jehova har’a sechaba sa Baiseraele, e kile ea behoa Shilo

  • Jehova o ile a lumella Bafilista hore ba hape Areka, ’me ha ea ka ea hlola e khutlisetsoa Shilo

Batho bohle ho akareletsa baprista le baprofeta ba ile ba tšosa Jeremia ka hore ba tla mo bolaea

26:8, 9, 12, 13

  • Batho ba ile ba tšoara Jeremia ka lebaka la boprofeta ba hae bo mabapi le Jerusalema le tempele

  • Jeremia ha aa ka a tela

Jehova o ile a sireletsa Jeremia

26:16, 24

  • Jeremia o ile a lula a le sebete ’me Jehova ha aa ka a mo lahla

  • Molimo o ile a susumelletsa Akikame ea sebete hore a sireletse Jeremia

Ka lilemo tse 40, Jeremia o ile a khona ho phatlalatsa molaetsa oo batho ba neng ba sa o rate hobane Jehova o ile a mo tšehetsa le ho mo khothatsa